5. Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;
6. tseo ba bang ba di kgelohileng ho leba dipolelong tsa lefeela.
7. Ba rata ho ba baruti ba molao, mme ha ba utlwisise tseo ba di bolelang, leha e le tseo ba di tiisang.
8. Athe re tseba hobane molao o molemo, ha motho a sebetsa ka wona ka tshwanelo,
9. a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho,
10. le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,
11. e leng ka Evangeli e kganyang ya Modimo o lehlohonolo, eo ke e laetsweng.
12. Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:
13. nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.
14. Mme mohau wa Morena wa rona o ntletse ka ho fetisisa, ka tumelo le ka lerato le ho Jesu Kreste.
15. Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.
16. Empa ke rekolohetswe, hore Jesu Kreste a bonahatse ka nna, ke leng wa pele, mohau wohle wa hae, ho tle ho etswe mehlala ka nna ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, hore ba be le bophelo bo sa feleng.
17. Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!
18. Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;