1 Timothea 1:2-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong, ke re: O newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.

3. Jwalokaha ke ne ke o laele mohla ke yang Masedonia, ka re, o sale Efese, hore o tle o laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele;

4. mme ba se ke ba ineela ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa masika, e leng ditaba tse hlahisang dikgang, e seng kgahiso ya ntlo ya Modimo e tiiswang ka tumelo, le jwale, ke sa o laela jwalo.

5. Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;

6. tseo ba bang ba di kgelohileng ho leba dipolelong tsa lefeela.

7. Ba rata ho ba baruti ba molao, mme ha ba utlwisise tseo ba di bolelang, leha e le tseo ba di tiisang.

1 Timothea 1