2. Lebitso la mora wa hae wa letsibolo e ne e le Joele, lebitso la wa bobedi e le Abia; ba ne ba ahlolela Beerseba.
3. Bara ba hae ba mpa ba se ke ba tsamaya ka mehlala ya hae; ba kgelohela leruong le sa lokang, ba amohela dimpho, ba kgelosa le kahlolo.
4. Ebile baholo bohle ba Iseraele ba phutheha, ba tla ho Samuele, Rama;
5. ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.
6. Taba ena ya mpa ya swabisa Samuele kamoo ba buang, kateng, ba reng: Re beele morena, hore a re ahlolele. Mme Samuele a rapela Jehova.
7. Jehova a re ho Samuele: Mamela puo ya setjhaba kahohle kamoo se buang le wena kateng; hobane ha ba lahle wena, ba lahlile nna, hore ke se ke ka nna ka ba morena wa bona.
8. E ntse e le ho etsa ka tsohle tseo ba di entseng, haesale ke ba ntsha Egepeta, ho tlisa tsatsing lena, ho mphuralla, le ho sebeletsa medimo esele; le wena ba o etsa jwalo.
9. Jwale, mamela mantswe a bona; leha ho le jwalo, o ba nyatse, o ba tsebise mokgwa wa morena ya tla busa hodima bona.
10. Ebile Samuele o beela setjhaba, se kopileng morena ho yena, mantswe wohle a Jehova.
11. A re: Ke wona mokgwa wa morena ya tla busa hodima lona: o tla nka bara ba lona, a ba bee makoloing a hae, a ba etse bapalami ba hae, ba bang ba mathe pela makoloi a hae.
12. O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.
13. O tla nka baradi ba lona, hore ba bang ba lokise ditlolo, ba bang ba apehe dinama, ba bang ba apehe mahobe.
14. O tla nka le masimo a lona, le merara ya lona, le mehlwaare ya lona e metle, a e nee bahlanka ba hae.