1 Samuele 31:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Bafilesta ba lwana le Baiseraele, banna ba Iseraele ba baleha pela Bafilesta, ba ya ba ewa le thaba ya Gilboa, ba timela.

2. Bafilista ba phallela Saule le bara ba hae ka matla, Bafilista ba ba ba bolaya Jonathane le Abinadabe le Malkishua, bara ba Saule.

3. Jwale, ntwa ya patisa Saule haholo; banna ba fulang ka diqha ba mo thibela, mme a hlajwa bobeng ke ba diqha.

4. Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.

5. Lehlahana la hae ha le bona hobane Saule o shwele, le lona la itihela hodima sabole ya lona, la eshwa hammoho le yena.

1 Samuele 31