1 Samuele 30:15-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Davida a re ho yena: Hleka o ka re isa letshweleng leo na? A re ha o ka ntlhapanyetsa ka Modimo hobane o ke ke wa mpolaya, leha e le ho nneela matsohong a monga ka, ke tla o isa letshweleng leo.

16. A mo isa, ba ba fihlela ba qhalane naheng yohle, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabile ke kgapo yohle e kgolo eo ba e hapileng naheng ya Bafilesta le naheng ya Juda.

17. Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.

18. Davida a namolela tsohle tse hapilweng ke Baamaleke: Davida a namolela le basadi ba hae ba babedi.

1 Samuele 30