1. Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.
2. Mohlang oo, yare Eli ha a ne a robetse sebakeng sa hae, etswe mahlo a hae a ne a se a qadile ho foufala, a sitwa le ho bona,
3. lampi ya Jehova e eso ho time, le Samuele a se a robetse tabernakeleng ya Jehova, moo areka ya Modimo e leng teng,
4. Jehova a bitsa: Samuele! Yena a re: Ke nna enwa.
5. Ebile o titimela ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, kgutla, o robale. Mme a ya, a robala.
6. Jehova a boela a bitsa: Samuele! Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, ngwana ka; kgutla, o robale.
7. Haele Samuele, o ne a eso ho tsebe Jehova, le lentswe la Jehova o ne a eso ho senolelwe lona.
8. Jehova a boela a bitsa Samuele la boraro. Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Moo Eli a lemoha hoba ke Jehova ya bitsang mohlankana.