1 Samuele 27:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.

2. Kahoo, Davida a tloha, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng, a fetela le bona ho Akishe, mora Maoke, morena wa Gathe.

1 Samuele 27