1. Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.
2. Kahoo, Davida a tloha, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng, a fetela le bona ho Akishe, mora Maoke, morena wa Gathe.
3. Davida a dula jwalo ho Akishe, Gathe, e le yena le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, le yena Davida a ena le basadi ba hae ba babedi, Akinohame wa Jisreele, le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.
4. Yaba Saule o tsebiswa, ha thwe: Davida o balehetse Gathe. Yaba ha a sa mmatla.
5. Davida a re ho Akishe: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, a nke ke newe motse o mong wa naha ena moo nka dulang teng; hobane mohlanka wa hao a ka dula jwang le wena motseng wa moreneng na?
6. Mohlang oo, Akishe a mo nea Tsiklage; ka baka leo, Tsiklage ke motse wa marena a Juda le kajeno.
7. Haele palo ya matsatsi a Davida ao a a dutseng naheng ya Bafilesta, ke selemo se le seng se nang le kgwedi tse nne.
8. Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.
9. Davida a hlola fatshe la bona, ho se ke ha pholoha monna leha e le mosadi, a tla le dinku, le dikgomo, le diesele, le dikamele, le diaparo; a kgutla, a tla le tsona ho Akishe.
10. Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.