1 Samuele 25:33-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Ho bokwe le kelello ya hao, ho bokwe le wena, hobane o nthibetse kajeno, hore ke se ye ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la ka.

34. Efela, ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o etsa hampe, hojane o sa ka wa phakisa, wa tla nkgahlanyetsa, Nabale o ba a sa tlo tlolelwa ke monna le a mong ha bo esa.

35. Davida a amohela matsohong a Abigaile seo a mo tliseditseng sona, a re ho yena: Eya hae ka kgotso; bona, ke utlwile lentswe la hao, mme ke o hauhetse.

36. Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.

37. Hosasa, Nabale ha a hlaphohetswe ke veine, mosadi wa hae a mo phetela ditaba tseo. Ebile pelo ya hae e shwa kahare ho yena, a fetoha ntho e kang lejwe.

38. Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.

39. Davida, ha a utlwa hoba Nabale o shwele, a re: Ho bokwe Jehova ya mpheteleditseng ho Nabale, bakeng sa ho nyatsuwa ha ka, ya thibetseng mohlanka wa hae, hore a se ke a etsa hampe. Efela Jehova o buseditse bobe ba Nabale hloohong ya hae.Davida a ntoo romela ho bua le Abigaile, hore o tla mo nka, e be mosadi wa hae.

40. Bahlanka ba Davida ba tla ho Abigaile, Karmele, ba mmolella, ba re: Davida o re rometse ho wena, o re, o inkela wena o be mosadi wa hae.

41. Ebile o ema, a inamela fatshe ka sefahleho, a re: Ke nna enwa lekgabunyane la hao, ke be mofo ya hlatswang maoto a bahlanka ba monghadi.

42. Abigaile a phakisa a tloha, a kalla esele; barwetsana ba bahlano ba ya le yena; a sala manqosa a Davida morao, mme ya eba mosadi wa hae.

43. Davida o ne a se a nyetse Akinohame wa Jisreele; ke bona basadi ba hae ba babedi.

44. Haele Mikale, moradi wa Saule, ya neng a nyetswe ke Davida, Saule o ne a mo neile Palthi, mora Laishe, wa Gallime.

1 Samuele 25