1 Samuele 25:2-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.

3. Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.

4. Davida ha a le feelleng, a utlwa ha ho thwe: Nabale o kuta dinku tsa hae.

5. Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.

6. Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!

7. Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.

8. Leha o ka botsa bahlanka ba hao, ba tla o bolella. Ha ho le jwalo, bahlankana bao ba ka ba ke ba bone mohau ho wena, hobane re hlahetswe ke tsatsi le letle; ke a o kopa, ke re, o nee bahlanka ba hao le mora hao Davida seo o tla iphihlela o ena le sona.

9. Bahlankana ba Davida ba ya ka taba tseo, mme ba di bolela tsohle ho Nabale ka lebitso la Davida, ba ntoo kgutsa.

10. Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.

11. Hleka ke tla nka bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, hore ke e nee banna bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng na?

12. Ebile banna ba Davida ba boya ka tsela ya bona, ba kgutla, ba tla mo phetela mantswe ao wohle.

13. Davida a re ho banna ba hae: E mong le e mong a nke sabole ya hae. E mong le e mong a nka sabole ya hae, le Davida a nka sabole ya hae; ba tloha, ba ya le Davida, e batlile e eba batho ba makgolo a mane, ha sala ba makgolo a mabedi le diphahlo.

14. Empa e mong wa bahlanka ba Nabale a tsebisa Abigaile, mohatsa Nabale, a re: Bona, Davida o ne a romile manqosa, a le feelleng, ho tla dumedisa mong a rona, o mpa a ba omantse.

15. Athe banna ba Davida ba ne ba re entse hantle haholo; ha ba ka ba re tshwenya, le rona ha re a ka ra timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo re nnileng ra tsamaya le bona naheng.

1 Samuele 25