17. Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.
18. Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.
19. A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, nna ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna wa hae Nabale.
20. Ebile o kalla esele, mme ha a theoha moo tsela e potellang thabeng, yaba e se e le ha Davida le banna ba hae ba theoha, ba tla kgahlana le yena, mme a teana le bona.
21. Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.
22. Modimo o etse dira tsa Davida ka hore le ka hore, ha nka siya letho leha le le leng la hae, kapa monna, ha bo esa.
23. Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.
24. A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.
25. Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.
26. Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.