1 Samuele 25:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ebile banna ba Davida ba boya ka tsela ya bona, ba kgutla, ba tla mo phetela mantswe ao wohle.

13. Davida a re ho banna ba hae: E mong le e mong a nke sabole ya hae. E mong le e mong a nka sabole ya hae, le Davida a nka sabole ya hae; ba tloha, ba ya le Davida, e batlile e eba batho ba makgolo a mane, ha sala ba makgolo a mabedi le diphahlo.

14. Empa e mong wa bahlanka ba Nabale a tsebisa Abigaile, mohatsa Nabale, a re: Bona, Davida o ne a romile manqosa, a le feelleng, ho tla dumedisa mong a rona, o mpa a ba omantse.

15. Athe banna ba Davida ba ne ba re entse hantle haholo; ha ba ka ba re tshwenya, le rona ha re a ka ra timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo re nnileng ra tsamaya le bona naheng.

16. E ne e le lerako ho rona bosiu le motshehare ka tshiu tsohle tseo re nnileng ra dula le bona, re ntse re disitse dinku.

17. Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.

18. Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.

19. A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, nna ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna wa hae Nabale.

20. Ebile o kalla esele, mme ha a theoha moo tsela e potellang thabeng, yaba e se e le ha Davida le banna ba hae ba theoha, ba tla kgahlana le yena, mme a teana le bona.

21. Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.

22. Modimo o etse dira tsa Davida ka hore le ka hore, ha nka siya letho leha le le leng la hae, kapa monna, ha bo esa.

23. Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.

24. A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.

1 Samuele 25