1 Samuele 25:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, Samuele a shwa, mme Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, mme ba mo epela ha hae Rama. Mme Davida a tloha, a theohela feelleng la Parane.

2. Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.

3. Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.

4. Davida ha a le feelleng, a utlwa ha ho thwe: Nabale o kuta dinku tsa hae.

5. Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.

6. Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!

7. Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.

8. Leha o ka botsa bahlanka ba hao, ba tla o bolella. Ha ho le jwalo, bahlankana bao ba ka ba ke ba bone mohau ho wena, hobane re hlahetswe ke tsatsi le letle; ke a o kopa, ke re, o nee bahlanka ba hao le mora hao Davida seo o tla iphihlela o ena le sona.

9. Bahlankana ba Davida ba ya ka taba tseo, mme ba di bolela tsohle ho Nabale ka lebitso la Davida, ba ntoo kgutsa.

1 Samuele 25