3. Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.
4. Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.
5. Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.
6. A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.
7. Davida a hanela banna ba hae ka taba eo, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Ebile Saule o tsoha fatshe, a tswa lehaheng, a ikela ka tsela ya hae.
8. Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.
9. Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?
10. Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova.
11. Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!
12. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena, Jehova a mpheteletse ho wena! Haele letsoho la ka, le ke ke la eba ho wena.