1 Samuele 24:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Morena wa Iseraele o tswile ho batla mang? O phallela mang? O phalletse ntja e shweleng, kapa letsetse!

15. Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.

16. Eitse hobane Davida a qetelle ho bua taba tseo ho Saule, Saule a re: Na ke lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Saule a ntoo phahamisa lentswe la hae, a lla.

17. A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.

18. O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya.

19. Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.

20. Bona jwalo, ke a tseba hobane o tla ba morena ruri, le mmuso wa Iseraele o tla tiya matsohong a hao.

21. O ke o ntlhapanyetse jwale ka Jehova hobane ha o ka ke wa timetsa bana ba ka ba ntlhahlamang, leha e le ho fedisa lebitso la ka tlung ya ntate.

22. Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.

1 Samuele 24