1 Samuele 24:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Saule, ha a kgutla ho phallela Bafilesta, a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o feelleng la Ene-Gedi.

2. Kahoo, Saule a nka batho ba kete tse tharo, ba kgethilweng hara Baiseraele bohle, a ya batla Davida le banna ba hae mafikeng a dikome.

3. Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.

4. Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.

5. Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.

1 Samuele 24