1 Samuele 23:27-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Ha mpa ha fihla lenqosa ho Saule, la re; Phakisa o tle, hobane Bafilesta ba futuhetse naha.

28. Saule a kgutla kahoo, a lesa ho phallela Davida, a ya kgahlanyetsa Bafilesta. Ka baka leo, baka seo sa bitswa Sela-Hammalekothe (lefika la karohano).

29. Yaba Davida o tloha teng, a ya diqhobong tsa Ene-Gedi.

1 Samuele 23