1 Samuele 23:11-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Hleka beng ba Keila ba tla nneela matsohong a hae na? Na le Saule o tla theohela kwano, jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile na? Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, o ke o tsebise mohlanka wa hao hle. Jehova a re: O tla tla.

12. Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.

13. Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.

14. Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.

15. Leha Davida a bone hobane Saule o tswetse ho mmatla, Davida a dula feelleng la Sife, morung.

16. Yaba Jonathane, mora Saule, o tloha, a tla ho Davida morung, a tiisa letsoho la hae ho Modimo;

17. a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.

18. Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.

19. Jwale ba Sife ba tla ho Saule, Gibea, ba re: Ha re re, Davida o ipata haeso diqhobong, morung, leralleng la Hakila, ka nqa borwa ho lefeella na?

20. Jwale, morena, tloo kamoo o hopotseng kateng, e be rona re mo neelang matsohong a morena.

21. Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.

22. Eyang le batle, mme le tsebe le ho bona moo leoto la hae le hatang teng, hape ke mang ya mmoneng teng, hobane ke boleletswe hoba o etsa ka bohlale.

23. Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.

24. Ebile ba tloha ho Saule, ba ya Sife; Davida yena le banna ba hae ba le feelleng la Maone, thoteng, ka nqa borwa ho lefeella.

25. Saule a ya jwalo le banna ba hae ho batla Davida. Davida a tsebiswa, a ba a theohela lefikeng, a dula feelleng la Maone. Saule ha a utlwa, a phallela Davida feelleng la Maone.

26. Saule o ba a tsamaya lehlakoreng le ka kwano ho thaba, Davida yena le banna ba hae ba tsamaya lehlakoreng le ka nqane ho thaba. Davida a baleha pela Saule, a tshaba, kahobane Saule le banna ba hae ba ne ba se ba ya teela Davida le banna ba hae hare, ba ba tshware.

27. Ha mpa ha fihla lenqosa ho Saule, la re; Phakisa o tle, hobane Bafilesta ba futuhetse naha.

1 Samuele 23