1 Samuele 23:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Davida a re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile kannete hobane Saule o batla ho tla Keila, le ho fedisa motse ka baka la ka.

11. Hleka beng ba Keila ba tla nneela matsohong a hae na? Na le Saule o tla theohela kwano, jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile na? Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, o ke o tsebise mohlanka wa hao hle. Jehova a re: O tla tla.

12. Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.

13. Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.

14. Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.

15. Leha Davida a bone hobane Saule o tswetse ho mmatla, Davida a dula feelleng la Sife, morung.

16. Yaba Jonathane, mora Saule, o tloha, a tla ho Davida morung, a tiisa letsoho la hae ho Modimo;

17. a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.

18. Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.

19. Jwale ba Sife ba tla ho Saule, Gibea, ba re: Ha re re, Davida o ipata haeso diqhobong, morung, leralleng la Hakila, ka nqa borwa ho lefeella na?

20. Jwale, morena, tloo kamoo o hopotseng kateng, e be rona re mo neelang matsohong a morena.

1 Samuele 23