1. Ebile ba tsebisa Davida, ba re: Bafilista ba futuhetse Keila, ba thotha tse diotlong.
2. Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.
3. Empa banna ba Davida ba re ho yena: Bona, haele moo re tshaba re sa le kwano, Juda, re tla tshaba hakakang, ha re ka ya Keila ho makgotla a Bafilesta?
4. Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.
5. Jwale, Davida le banna ba hae ba ya Keila, ba lwana le Bafilesta, ba hapa kgomo tsa bona, mme ba ba bolaya ka polao e kgolo. Davida a namolela ba ahileng Keila jwalo.