6. Saule a utlwa hobane Davida o utlwahetse le banna bao a nang le bona; ke ha Saule a le Gibea, tlasa sefate sa tamariske, leralleng, a tshwere lerumo la hae, bahlanka bohle ba hae ba eme pela hae.
7. Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,
8. haele moo le dumellane kaofela ha lona ho nkwenehela, ho se le a mong ya ntsebisang hobane le mora ka o hlabile selekane le mora Jese, ho se le a mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, leha e le ya ntsebisang hobane mora ka o ntsoseditse mohlanka wa ka ho ntalla, jwalokaha ho le jwale na?
9. Ebile Doege, Moedomo, ya emeng le bahlanka ba Saule, o re: Ke bone mora Jese a etla Nobe ho Akimeleke, mora Akitube.
10. Akimeleke o mmotseditse Jehova, a mo nea le mofaho, a mo nea le sabole ya Mofilesta Goliathe.
11. Ebile morena o romela ho bitsa Akimeleke, mora Akitube, moprista, le bohle ba ntlo ya ntatae, e leng baprista ba leng Nobe. Ba tla kaofela ha bona ho morena.
12. Saule a re: Utlwa jwale, wena, mora Akitube! Akimeleke a re: Ke nna enwa, monga ka!
13. Saule a re ho yena: Le dumellane keng le mora Jese ho nkwenehela, kamoo o mo neileng bohobe le sabole kateng, wa ba wa mmotsetsa Modimo, e le hore a tlohe, a tle a ntalle, jwalokaha ho le jwale?
14. Akimeleke a arabela morena, a re: Hleka ke mang ho bahlanka bohle ba hao ya kang Davida ka bokgabane? Ebile ke mokgwenyana wa morena, ya ntseng a tsamaya ka taelo ya hao, ya hlomphuwang ka tlung ya hao.
15. Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.
16. Morena a re: O tla shwa ruri, Akimeleke, wena le bohle ba ntlo ya ntatao!
17. Jwale, morena a re ho dititimi tse emeng pela hae: Emang, le bolaye baprista ba Jehova, hobane ba emetse Davida; hape ba tsebile ha a baleha, mme ha ba ka ba ntsebisa. Empa bahlanka ba morena ba hana ho isa matsoho ho bolaya baprista ba Jehova.
18. Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.
19. Le Nobe, motse wa baprista, Saule a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, banna le basadi, le ba batjha, le ba anyang, le dikgomo, le diesele, le dinku; a timetsa tsohle ka bohale ba lerumo.
20. E mong wa bara ba Akimeleke, mora Akitube, a phonyoha, lebitso la hae e le Abiathare; a balehela ho Davida.
21. Abiathare a tsebisa Davida kamoo Saule a timeditseng baprista ba Jehova kateng.
22. Davida a re ho Abiathare: Ke tsebile mohlang oo ha ke bona Moedomo Doege a le teng, hobane o tla bolella Saule; ke nna eo bohle ba ntlo ya ntatao ba timeditsweng ka baka la hae.
23. Dula ho nna, o se tshabe; hobane ya batlang ho mpolaya o batla ho bolaya le wena; ha o le ho nna, o tla bolokeha.