6. Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa.
7. Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.
8. Davida a re ho Akimeleke: Ana ha ho lerumo, leha e le sabole moo ho wena na? Hobane ha ke a ka ka nka sabole ya ka, leha e le dihlomo tsa ka, hobane taba ya morena e be e mphakisisa.
9. Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona.
10. Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe.