1 Samuele 21:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng.

6. Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa.

7. Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.

8. Davida a re ho Akimeleke: Ana ha ho lerumo, leha e le sabole moo ho wena na? Hobane ha ke a ka ka nka sabole ya ka, leha e le dihlomo tsa ka, hobane taba ya morena e be e mphakisisa.

9. Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona.

10. Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe.

11. Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na?

1 Samuele 21