4. Ebile Jonathane o re ho Davida: Mpolelle se lakatswang ke pelo ya hao, mme ke tla o etsetsa sona.
5. Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.
6. Ha ntatao a ntlhoka, e re: Davida o nkopile haholo, hore a titimele Bethlehema, motseng wa habo, hobane ke nako ya sehlabelo sa lemo se seng le se seng, se hlabelwang moloko wa habo kaofela.
7. Ha a ka re: Ke teng, e tla ba kgotso ho mohlanka wa hao; ha a halefa haholo, o tsebe hobane o hopotse bobe.
8. O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?
9. Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?
10. Davida a re ho Jonathane: Ke mang ya tla ntsebisa, ha ntatao a ka o fetola ka thata na?
11. Jonathane a re ho Davida: Tloo, re tswele naheng. Ba tswela naheng ba babedi.
12. Jonathane a re ho Davida: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ke se ke botsisisitse ntate ka mohlomong hosasane, kapa kamoso, ha nka bona hobane o sa thabetse Davida, ha ke sa o romele, ke sa o tsebise,
13. Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.