1 Samuele 20:30-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Ebile Saule o halefela Jonathane, a re ho yena: Ngwana ya lonya, ya ikgantshang, ha ke re, ke a tseba hobane o ikgethetse mora Jese hore ka yena o hlabiswe dihlong le bona bofeela ba mmao na?

31. Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.

32. Jonathane a fetola Saule, ntatae, a re ho yena: O tla bolaelwang? o entseng na?

33. Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.

34. Yaba Jonathane o tloha tafoleng a halefile haholo, a sa ka a ja letho ka lona la bobedi la kgwedi, kahobane a hlomohetse Davida, hape a nyatsitswe ke ntatae.

35. Hosasane, Jonathane a tswela naheng, ka nako e behetsweng Davida, a ya le mohlankana.

36. A ya, a re ho mohlankana wa hae: Matha, o bone metsu eo ke tla e fula. Mohlankana a matha, mme Jonathane a fulela motsu ka nqane ho yena.

37. Mohlankana ha a fihla motsung o futsweng ke Jonathane, Jonathane a hoeletsa mohlankana, a re: Na motsu ha o a wela ka nqane ho wena na?

38. Jonathane a boela a howeletsa mohlankana, a re: Itlhahanele, o akofe, o se ke wa ema. Yaba mohlankana wa Jonathane o thola metsu, mme a e tlisa ho monga hae.

39. Empa mohlankana o ne a sa tsebe letho; e ne e le Jonathane le Davida feela ba tsebang se etswang.

40. Jwale, Jonathane a nea mohlankana wa hae dibetsa tsa hae, a re ho yena: Tsamaya, o di ise hae.

1 Samuele 20