1 Samuele 20:25-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Morena o ne a dutse setulong sa hae sa mehla, e leng setulo se pela lebota, Jonathane yena a eme, Abnere a dutse mabapa le Saule; setulo sa Davida sona se ne se le feela.

26. Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.

27. Hosasane, ka la bobedi la kgwedi, setulo sa Davida sa eba feela. Yaba Saule o re ho Jonathane, mora hae: Ana mora Jese ha a ka a tla keng dijong maobane, leha e le kajeno na?

28. Jonathane a arabela Saule, a re: Davida o qetse ho nna ka matla ho ya Bethlehema;

29. a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena.

30. Ebile Saule o halefela Jonathane, a re ho yena: Ngwana ya lonya, ya ikgantshang, ha ke re, ke a tseba hobane o ikgethetse mora Jese hore ka yena o hlabiswe dihlong le bona bofeela ba mmao na?

31. Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.

32. Jonathane a fetola Saule, ntatae, a re ho yena: O tla bolaelwang? o entseng na?

33. Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.

34. Yaba Jonathane o tloha tafoleng a halefile haholo, a sa ka a ja letho ka lona la bobedi la kgwedi, kahobane a hlomohetse Davida, hape a nyatsitswe ke ntatae.

35. Hosasane, Jonathane a tswela naheng, ka nako e behetsweng Davida, a ya le mohlankana.

36. A ya, a re ho mohlankana wa hae: Matha, o bone metsu eo ke tla e fula. Mohlankana a matha, mme Jonathane a fulela motsu ka nqane ho yena.

1 Samuele 20