1 Samuele 20:18-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Jonathane a re ho yena: Hosasane, kgwedi e tla thwasa; o tla batlwa, ha ho bonwa setulo sa hao se le feela.

19. Ha ho le jwalo, o lebelle la boraro, o theohe kapele, o tle moo o kileng wa ipata, mohla taba ya pele, o eme pela lefika le Esele.

20. Nna, ke tla fulela metsu e meraro nqa teng, jwaloka hoja ke fula ntho eo ke e bonang;

21. ke ntoo roma mohlahlankana, ke re: O batle metsu. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka kwano, e nke hle, etlaba o ka tla, hobane ke kgotso ho wena; ka Jehova ya utlwang, ha ho tsietsi.

22. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka nqane ho wena, teng o ka ikela; etlaba Jehova o re o tlohe.

23. Haele taba eo re e buileng nna le wena, bona, Jehova o tla nne a be mahareng a ka le wena ka ho sa feleng.

24. Ebile Davida o ipata naheng. Kgwedi ha e thwasitse, morena a dula dijong, a ja.

25. Morena o ne a dutse setulong sa hae sa mehla, e leng setulo se pela lebota, Jonathane yena a eme, Abnere a dutse mabapa le Saule; setulo sa Davida sona se ne se le feela.

26. Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.

27. Hosasane, ka la bobedi la kgwedi, setulo sa Davida sa eba feela. Yaba Saule o re ho Jonathane, mora hae: Ana mora Jese ha a ka a tla keng dijong maobane, leha e le kajeno na?

28. Jonathane a arabela Saule, a re: Davida o qetse ho nna ka matla ho ya Bethlehema;

29. a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena.

30. Ebile Saule o halefela Jonathane, a re ho yena: Ngwana ya lonya, ya ikgantshang, ha ke re, ke a tseba hobane o ikgethetse mora Jese hore ka yena o hlabiswe dihlong le bona bofeela ba mmao na?

1 Samuele 20