11. Jonathane a re ho Davida: Tloo, re tswele naheng. Ba tswela naheng ba babedi.
12. Jonathane a re ho Davida: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ke se ke botsisisitse ntate ka mohlomong hosasane, kapa kamoso, ha nka bona hobane o sa thabetse Davida, ha ke sa o romele, ke sa o tsebise,
13. Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.
14. Ha ho ka ba jwalo, o se ke wa lesa ho nketsa ka molemo wa Jehova, leha ke sa ntsane ke phela, ke tle ke se ke ka shwa;
15. hape o se ke wa tima ntlo ya ka molemo wa hao le ka mohla o le mong, leha e le mohla Jehova a timeditseng e mong le e mong wa dira tsa Davida lefatsheng.
16. Yaba Jonathane o hlaba selekane le ntlo ya Davida, a re: Jehova a pheteletse Davida ho dira tsa hae.
17. Jonathane a ntoo eketsa a hlapantsha Davida, ka baka la ho mo rata; o ne a mo rata jwalokaha a ithata.
18. Jonathane a re ho yena: Hosasane, kgwedi e tla thwasa; o tla batlwa, ha ho bonwa setulo sa hao se le feela.
19. Ha ho le jwalo, o lebelle la boraro, o theohe kapele, o tle moo o kileng wa ipata, mohla taba ya pele, o eme pela lefika le Esele.
20. Nna, ke tla fulela metsu e meraro nqa teng, jwaloka hoja ke fula ntho eo ke e bonang;
21. ke ntoo roma mohlahlankana, ke re: O batle metsu. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka kwano, e nke hle, etlaba o ka tla, hobane ke kgotso ho wena; ka Jehova ya utlwang, ha ho tsietsi.
22. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka nqane ho wena, teng o ka ikela; etlaba Jehova o re o tlohe.
23. Haele taba eo re e buileng nna le wena, bona, Jehova o tla nne a be mahareng a ka le wena ka ho sa feleng.
24. Ebile Davida o ipata naheng. Kgwedi ha e thwasitse, morena a dula dijong, a ja.
25. Morena o ne a dutse setulong sa hae sa mehla, e leng setulo se pela lebota, Jonathane yena a eme, Abnere a dutse mabapa le Saule; setulo sa Davida sona se ne se le feela.
26. Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.