1. Ebile Davida o baleha Najothe o pela Rama, a tla a re ho Jonathane: Ke entseng? Sebe sa ka ke sefe? Ke sitetswe ntatao kang, ha a pheheletse hakalo ho mpolaya na?
2. Jonathane a re ho yena: Tjhe, ha o ka ke wa shwa le ho leka; bona, ntate a ke ke a etsa letho le leholo, kapa le lenyenyane, a sa ntsebise; ntate a ka mpatela taba e kalo jwang? Tjhe, ha ho jwalo.
3. Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.
4. Ebile Jonathane o re ho Davida: Mpolelle se lakatswang ke pelo ya hao, mme ke tla o etsetsa sona.
5. Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.
6. Ha ntatao a ntlhoka, e re: Davida o nkopile haholo, hore a titimele Bethlehema, motseng wa habo, hobane ke nako ya sehlabelo sa lemo se seng le se seng, se hlabelwang moloko wa habo kaofela.
7. Ha a ka re: Ke teng, e tla ba kgotso ho mohlanka wa hao; ha a halefa haholo, o tsebe hobane o hopotse bobe.
8. O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?
9. Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?