1 Samuele 2:14-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. O ne a hlaba paneng, kapa pitseng, kapa pitsaneng, kapa morifing, mme hohle ho neng ho ntshwa ke fereko, moprista o ne a inkela hona. Ba ne ba etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang Silo.

15. Hape, mohlankana wa moprista o ne a etla, ba eso ho tjhese mafura, a re ho motho ya hlabileng: Ntsha nama ya ho besetswa moprista, hobane a ke ke a amohela ho wena nama e apehilweng, haese e tala feela.

16. Ha e mong a ba a ka re ho yena: Mafura a ke a tjheswe pele, o ntoo inkela kamoo pelo ya hao e ratang kateng, eo o ne a re: Tjhe, o nnee jwale: ha ho se jwalo, ke tla nka ka matla.

17. Ka baka leo, sebe sa bahlankana bao se ne se le seholo haholo pela Jehova, hobane le batho ba ne ba se ba nyedisa tse beelwang Jehova.

18. Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.

19. Hape, mmae o ne a mo etsetsa seaparonyana ka dilemo tsohle, a mo tlisetse sona mohla ba tlang le monna wa hae ho hlaba sehlabelo sa selemo se seng le se seng.

20. Jwale, Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosadi wa hae, a re: Jehova a o tsosetse bana ka mosadi enwa bakeng sa ngwana eo a kileng a mo abela Jehova. Ba ntoo kgutlela habo.

21. Ka baka lena, Jehova a etela Anna; mme Anna a emola, a tswala bashemane ba bararo le basetsana ba babedi; haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a hola pela Jehova.

22. Eli yena o ne a se a hodile haholo; o ne a ntse a utlwa tsohle tse etswang ke bara ba hae ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba robala le basadi kateng, ba phuthehang pela monyako wa tente ya pokano.

23. O ne a re ho bona: Le etsetsang taba tse jwalo? Ke ntse ke utlwa ka setjhaba kaofela ditaba tsa lona tse manyala tseo le di etsang.

24. Tjhe, bara ba ka, hase ditaba tse ntle tseo ke di utlwang; le fosisa setjhaba sa Jehova.

25. Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.

26. Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a hola, a ntse a kgahlisa Jehova le batho.

27. Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;

28. ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?

29. Le hatakeletseng ka maoto mahlabelo a ka le diabelo tsa ka, tseo ke di laetseng tlung ya ka? O hlomphile bara ba hao ho fetisa nna, le tle le inontshe ka tse kgolo tsa dineo tsohle, tseo setjhaba sa ka sa Iseraele se ananelang ka tsona.

30. Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.

31. Bona, ditshiu di a tla, tseo ke tla poma letsoho la hao le letsoho la ntlo ya ntatao, ho tle ho se ke ha eba monna wa leqheku tlung ya hao.

1 Samuele 2