1 Samuele 2:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.

2. Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.

3. Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.

4. Diqha tsa dinatla di robehile; ba tetemang ba tlamilwe letheka ka matla a hae.

5. Ba neng ba kgora, ba ile ho sebeletsa dijo; mme ba neng ba lapa, ha ba sa lapa; nyopa yona e tswetse ba supileng, mme ya nang le bana ba bangata o swabile.

6. Jehova o a timetsa, mme o a pholosa, o theosetsa lebitleng, mme o nyolla teng.

7. Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa.

8. O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.

9. O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.

10. Jehova o tla tshosa ba mo tsekisang, o tla ba dumisetsa a le lehodimong. Jehova o tla ahlola dipheletso tsa lefatshe; o tla nea morena wa hae matla, a emise lenaka la motlotsuwa wa hae!

11. Ebile Elkana o boela Rama tlung ya hae; ngwana yena a sala a sebeletsa Jehova pela moprista Eli.

1 Samuele 2