11. Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.
12. Yaba Saule o tshaba Davida ha a bona hobane Jehova o ho yena, athe yena o mo furaletse.
13. Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.
14. Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.
15. Ka baka leo, Saule, ha a bona hobane Davida o etsa ka masene a maholo, a eketsa ho mo tshaba.
16. Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.
17. Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.
18. Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?
19. Empa ka nako eo Merabe, moradi wa Saule, a tla newa Davida, a newa Adriele wa Mehola, ho ba mosadi wa hae.