10. Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.
11. Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.
12. Yaba Saule o tshaba Davida ha a bona hobane Jehova o ho yena, athe yena o mo furaletse.
13. Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.
14. Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.
15. Ka baka leo, Saule, ha a bona hobane Davida o etsa ka masene a maholo, a eketsa ho mo tshaba.
16. Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.
17. Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.
18. Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?
19. Empa ka nako eo Merabe, moradi wa Saule, a tla newa Davida, a newa Adriele wa Mehola, ho ba mosadi wa hae.
20. Haele Mikale, moradi e mong wa Saule, o ne a rata Davida. Saule ha a tsebiswa, taba eo ya mo kgahla,
21. mme Saule a re: Ke tla mo nea yena, e be sefi ho yena, mme matsoho a Bafilesta a be ho yena: Ebile Saule o re ho Davida: O tla ba mokgwenyana wa ka kajeno ka e mong wa baradi ba ka ba babedi.
22. Saule a ntoo laela bahlanka ba hae hore ba bue le Davida sephiring, ka ho re: Bona, morena o o thabetse, le bahlanka ba hae bohle ba o rata; jwale, o be mokgwenyana wa morena.
23. Bahlanka ba Saule ba bolella Davida taba tseo. Davida a re: Hleka le lekanya eka ke taba e bonolo ho ba mokgwenyana wa morena, ke le motho ya fumanehileng, ya sa hlomphuweng na?
24. Bahlanka ba Saule ba mo tsebisa, ba re: Davida o buile ka hore le ka hore.
25. Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.
26. Bahlanka ba hae ba tsebisa Davida taba tseo, mme taba ena ya kgahla Davida hore e be mokgwenyana wa morena. Tshiu tsa teng ha di eso ho fele,
27. Davida a tloha, a tsamaya, a ena le batho ba hae, mme a bolaya makgolo a mabedi a Bafilesta; Davida a kgutla le bongala jwa bona, a bo tlisa kaofela ha bona ho morena, e le hore e be mokgwenyana wa morena ka hona; ka baka lena, Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, ho ba mosadi wa hae.
28. Kahoo, Saule a bona, a tseba hobane Jehova o na le Davida; mme Mikale, moradi wa Saule, a mo rata.
29. Saule a eketsa ke hona ho tshaba Davida haholo, mme Saule a iketsa sera sa kamehla ho Davida.