20. Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.
21. Baiseraele le Bafilesta ba hlopholla makgotla ho ya kopanya ntwa.
22. Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.
23. A re a sa bua le bona, a bona monna eo wa monaila, eo lebitso la hae e leng Goliathe wa Gathe, a etla a tloha makgotleng a Bafilesta, a sa bua ka mokgwa ola, Davida le yena a utlwa.
24. Banna ba Iseraele ha ba bona monna eo, ba mmalehela, ba tshaba haholo.
25. Banna ba Iseraele, ba re: Na le mmone monna eo ya tlileng na? Efela o tlile ho nyedisa Iseraele; ya ka mmolayang morena o tla mo ruisa leruo le leholo, a mo nee le moradi wa hae, mme a laele hore ntlo ya ntatae e se ke ya ntsha lekgetho Iseraeleng.
26. Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?
27. Ebile setjhaba se mo phetela jwalo, sa re: Monna ya mmolayang o tla etsetswa ka hore le ka hore.
28. Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!
29. Davida a re: Ke entseng jwale? Molato o kae, ha ke bua jwalo?
30. A kgaohana le yena kahoo, a leba ho e mong, a bua tsona tsena; mme setjhaba sa mo phetela jwaloka pele.
31. Yare ha mantswe a buwang ke Davida a utlwahala, ba a pheta pela Saule, mme Saule a mmitsa.
32. Davida a re ho Saule: Ho se ke ha eba ya felang pelo ka baka la motho eo; mohlanka wa hao o tla ya, a lwane le Mofilesta eo.
33. Saule a re ho Davida: O ke ke wa lwana le Mofilesta eo, etswe o sa le mohlankanyana; yena ke monna wa ntwa haesale le botjheng ba hae.
34. Davida a re ho Saule: Ke le mohlanka wa hao, ke modisa wa dinku tsa ntate. Ha ho ne ho etla tau kapa bere, ho nka konyana mohlapeng;
35. ke ne ke tswa ho di phallela, le ho di bolaya, le ho namolela konyana hanong ho tsona; mme leha di ne di ntsohela matla, ke ne ke di tshwara ka ditlena tsa tsona, ke di bolaye, ke di timetse.
36. Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.
37. Davida a eketsa, a re: Jehova ya nnamoletseng marong a tau le marong a bere, o tla nnamolela le matsohong a Mofilesta eo. Ebile Saule o re: Eya, Jehova a be le wena.
38. Saule a apesa Davida diaparo tsa hae tsa ntwa, a mo rwesa heleme ya koporo hloohong, a mo apesa le seaparo sa tshepe.
39. Davida a apara diaparo tsa Saule, a nka le sabole ya hae, a re o tla tsamaya ka tsona, athe o ne a eso ho leke tse jwalo. Yaba o re ho Saule: Ke sitwa ho tsamaya ka tsona, hobane ha ke a di tlwaela. Davida a di hlobola ke hona,
40. a nka molamu wa hae, a ya molapong, a ithonakela majwe a mahlano a boreledi, a a kenya pataneng ya hae, eo a nang le yona, le mokotlaneng wa hae; a atamela Mofilesta, a tshwere letjeketjane la hae.