2. Saule le banna ba Iseraele le bona ba phutheha, ba tla, ba emisa pela sekgutlo sa Ela, mme ba hlopholla makgotla ho ya kgahlanyetsa Bafilesta.
3. Bafilesta ba ema thabeng e nngwe, Baiseraele le bona ba ema thabeng e maloka le yona, thota e le teng mahareng a bona.
4. Ebile monaila o tswa makgotleng a Bafilesta, lebitso la hae e le Goliathe wa Gathe; bolelele ba hae e ne e le ditswe tse tsheletseng tse nang le boahlamo ba seatla.
5. O ne a rwetse heleme ya koporo hloohong, a apere seaparo sa maqephe a koporo, boima ba seaparo seo e le kete tse hlano tsa dishekele tsa koporo.
6. O ne a rwetse dikgohlo tsa koporo dihlafung tsa hae, a jere le lerumo la koporo pakeng tsa mahetla.
7. Theko ya lerumo la hae e ne e le kgolo jwaloka sefate sa molohi, boima ba tshepe ya lona e ne e le makgolo a tsheletseng a dishekele tsa tshepe; lehlahana la hae le ne le mo eteletse pele.
8. A tla a ema, a hoeletsa makgotla a Iseraele, a re ho wona: Le tswetse eng, haele moo le hlopholotse makgotla? Ha ke re, nna ke Mofilesta, lona le bahlanka ba Saule na? Ikgetheleng monna, a theohele ho nna.
9. Ha ekaba a ka lwana le nna, a mpolaya, re tla ba bahlanka ba lona; ha nka mo hlola, ka mmolaya, le tla ba bahlanka ba rona, le re sebeletse.
10. Mofilesta a eketsa, a re: Kajeno, ke nyedisa makgotla a Iseraele; nneeng monna, re lwane le yena.
11. Saule le Baiseraele bohle ha ba utlwa mantswe a Mofilesta eo, ba tshaba, mme ba tshoha haholo.
12. Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.
13. Bara ba Jese ba bararo ba baholo ba ne ba latetse Saule ntweng. Mabitso a bara ba hae ba bararo ba ileng ntweng, la wa matsibolo e ne e le Eliabe, la ya mo hlahlamang e le Abinadabe, la wa boraro e le Shamma.
14. Davida yena e ne e le e monyenyane; baholwane ba hae ba bararo ba ne ba latetse Saule.