1 Samuele 17:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona ho futuha, mme ba phuthehela Soko wa Juda, ba tla, ba emisa mahareng a Soko le Aseka, pela Efese-Dammime.

2. Saule le banna ba Iseraele le bona ba phutheha, ba tla, ba emisa pela sekgutlo sa Ela, mme ba hlopholla makgotla ho ya kgahlanyetsa Bafilesta.

3. Bafilesta ba ema thabeng e nngwe, Baiseraele le bona ba ema thabeng e maloka le yona, thota e le teng mahareng a bona.

4. Ebile monaila o tswa makgotleng a Bafilesta, lebitso la hae e le Goliathe wa Gathe; bolelele ba hae e ne e le ditswe tse tsheletseng tse nang le boahlamo ba seatla.

5. O ne a rwetse heleme ya koporo hloohong, a apere seaparo sa maqephe a koporo, boima ba seaparo seo e le kete tse hlano tsa dishekele tsa koporo.

6. O ne a rwetse dikgohlo tsa koporo dihlafung tsa hae, a jere le lerumo la koporo pakeng tsa mahetla.

7. Theko ya lerumo la hae e ne e le kgolo jwaloka sefate sa molohi, boima ba tshepe ya lona e ne e le makgolo a tsheletseng a dishekele tsa tshepe; lehlahana la hae le ne le mo eteletse pele.

8. A tla a ema, a hoeletsa makgotla a Iseraele, a re ho wona: Le tswetse eng, haele moo le hlopholotse makgotla? Ha ke re, nna ke Mofilesta, lona le bahlanka ba Saule na? Ikgetheleng monna, a theohele ho nna.

9. Ha ekaba a ka lwana le nna, a mpolaya, re tla ba bahlanka ba lona; ha nka mo hlola, ka mmolaya, le tla ba bahlanka ba rona, le re sebeletse.

10. Mofilesta a eketsa, a re: Kajeno, ke nyedisa makgotla a Iseraele; nneeng monna, re lwane le yena.

11. Saule le Baiseraele bohle ha ba utlwa mantswe a Mofilesta eo, ba tshaba, mme ba tshoha haholo.

12. Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.

1 Samuele 17