1 Samuele 14:34-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Yaba Saule o re: Eyang le setjhaba, le bolelle e mong le e mong hore a tlise mona ho nna kgomo ya hae le nku ya hae, a e hlabe mona, a e je; le se ke la sitelwa Modimo ka ho jellela le madi. Bohle ba setjhaba ba tlisa e mong le e mong kgomo ya hae bosiung boo, mme ba di hlabela teng.

35. Saule a hahela Jehova aletare; ke yona aletare ya ho qala eo a e hahetseng Jehova.

36. Ebile Saule o re: A re theoheng, re phallele Bafilesta le bosiu, re tle re ba qete ho isa ka meso, re se ke ra lesa le a mong ho bona. Ba re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng. Empa moprista a re: A re atameleng ho Modimo mona.

37. Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.

38. Ebile Saule o re: Lona bohle balaodi ba setjhaba, atamelang mona, le tle le tsebe, mme le bone bobe na ke bofe bo entsweng kajeno;

39. hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.

40. Yaba o re ho Baiseraele bohle: Emang, lona, ka nqa e nngwe; nna le Jonathane mora ka, re tla ema kahosele. Setjhaba sa re ho Saule: Etsa kamoo o ratang kateng.

41. Saule a re ho Jehova: Oho Modimo wa Iseraele, hlahisa nnete. Jonathane le Saule ba tshwarwa, setjhaba sona sa tswa.

1 Samuele 14