3. Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.
4. Dipakeng tsa makgalo ao Jonathane a tla leka ho tshelela ho ya qhobosheaneng ya Bafilesta, ka kwano lefika le ne le le teng, le ka nqane lefika le ne le le teng, lebitso la le leng e le Botsetse, lebitso la la bobedi e le Sene.
5. Ntlha ya le leng e ne e tadimile leboya, malokana le Mikmashe, ya la bobedi e ne e tadimile borwa, malokana le Gibea.
6. Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.
7. Mojari wa dibetsa, a re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng; tsamaya feela, ke nna enwa, ke na le wena kahohle kamoo o ratang kateng.
8. Ebile Jonathane o re: Bona, re tla tshelela ho banna bane, re itlhahise ho bona.
9. Ha ba ka re ho rona, re eme, ba be ba fihle ho rona, re tla ema moo re leng teng, re se ke ra hlwella ho bona.
10. Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.
11. Eitse ha ba itlhahisa ba babedi ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, Bafilesta ba re: Bonang, Baheberu ke bane, ba tswa mekoting eo ba ipatileng ho yona.
12. Jwale, banna ba qhobosheaneng ba re ho Jonathane le ho lehlahana la hae: Hlwellang ho rona, mme re tla le tsebisa taba. Ebile Jonathane o re ho lehlahana la hae: Hlwa o ntshale morao, hobane Jehova o ba neetse matsohong a Baiseraele.
13. Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.
14. Polao eo ya ho qala ya Jonathane, ba ena le lehlahana la hae, ya eba ya batho ba batlileng ba eba mashome a mabedi, ka sebaka se kang halofo ya tema ya naha.
15. Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.
16. Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.