1 Samuele 14:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.

14. Polao eo ya ho qala ya Jonathane, ba ena le lehlahana la hae, ya eba ya batho ba batlileng ba eba mashome a mabedi, ka sebaka se kang halofo ya tema ya naha.

15. Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.

16. Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.

17. Ebile Saule o re ho setjhaba se dutseng ho yena: Balang jwale, le bone hore na ke mang ya tlohileng ho rona. Ha ba badile, ba fihlela Jonathane le lehlahana la hae ba le siyo.

18. Saule a re ho Akia: Atametsa areka ya Modimo. Hobane areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele mohlang oo.

19. Saule a re a sa bua le moprista, moferefere wa nna wa tota le ho ata haholo diahelong tsa Bafilesta. Saule a re ho moprista: Honyetsa letsoho la hao.

20. Jwale, Saule le setjhaba kaofela se dutseng ho yena, ba phutheha, mme ba ba moo e lwanang; ba fihlela Bafilesta ba hlabana ka marumo e le bona, ho le moferefere o moholo haholo.

21. Le Baheberu ba neng ba le hara Bafilesta, jwaloka pele, ba neng ba tlile le bona ntweng, ba tswa kahohle, ba ikopanya le Baiseraele ba leng ho Saule le Jonathane.

22. Le banna bohle ba Iseraele, ba neng ba ipatile thabeng ya Efraime, ha ba utlwa hoba Bafilesta ba balehile, ba ba phallela ka ntwa.

23. Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.

1 Samuele 14