1 Samuele 12:18-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Yaba Samuele o bitsa ho Jehova, mme Jehova a dumisa diaduma, a nesa le pula tsatsing leo, mme setjhaba sohle sa tshaba Jehova le Samuele haholo.

19. Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.

20. Samuele a re ho setjhaba: Se tshabeng; leha le entse bobe bo bokalo, feela le se ke la furalla Jehova, le sebeletse Jehova ka pelo tsohle tsa lona.

21. Le se ke la kgeloha, hobane ekaba ke ho latela ntho tsa lefeela, tse ke keng tsa tseba ho le thusa, leha e le ho le namolela, hobane e le mafeela.

1 Samuele 12