5. Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.
6. Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.
7. Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.
8. O tla nketella pele ho ya Gilgale, hobane ke tla theohela ho wena teng, ke tle ke hlabe mahlabelo a ditjheso le a diteboho. O ke o ntebelle tshiu tse supileng, ke be ke fihle ho wena, ke o tsebise seo o tla se etsa.