1. Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?
2. Ha re kgaohana le wena kajeno, o tla kgahlana le banna ba babedi lebitleng la Ragele, moeding wa Benjamine, Tseltsa; ba tla re ho wena: Di bonwe diesele tseo o ileng ho di batla; bona, ntatao o lebetse taba tsa diesele, o se a belaela bakeng sa lona, o re: Haele mora ka, ke tla etsa jwang bakeng sa hae?
3. Ha o tloha teng o eya pele, o tla fihla eikeng ya Thabore; teng o tla kgahlanyetswa ke banna ba bararo, ba yang ho Modimo Bethele; e mong o isa potsanyane tse tharo, e mong o jere polokwe tse tharo tsa bohobe, e mong o jere lekuka la veine.
4. Ba tla o dumedisa, ba o fe polokwe tse pedi tsa bohobe, tseo o tla di amohela matsohong a bona.
5. Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.
6. Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.
7. Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.
8. O tla nketella pele ho ya Gilgale, hobane ke tla theohela ho wena teng, ke tle ke hlabe mahlabelo a ditjheso le a diteboho. O ke o ntebelle tshiu tse supileng, ke be ke fihle ho wena, ke o tsebise seo o tla se etsa.
9. Eitse Saule ha a furalla, ha ba kgaohana le Samuele, Modimo wa mo fa pelo e ntjha, a ba a hlahelwa tsatsing leo ke dipontsho tseo tsohle.