1 Samuele 1:3-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.

4. Mohla Elkana a neng a etsa sehlabelo, o ne a nea mosadi wa hae Peninna le bara ba hae le baradi ba hae bohle diabo;

5. empa o ne a nea Anna seabo sa batho ba babedi, hobane o ne a rata Anna, leha Jehova a ne a mmeile nyopa.

6. Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.

7. Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja.

8. Elkana, monna wa hae, o ne a nna a re ho yena: Anna, o llelang, mme ha o je keng? Na pelo ya hao e ntshofaletseng? Na, ho wena, ha ke fetise bara ba leshome na?

9. Empa mohlomong, hobane ho jewe, ho nowe Silo, Anna a tloha, moprista Eli a dutse setulong pela monyako wa tabernakele ya Jehova.

10. A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko.

11. A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.

12. Ya na ya re ha a tiisa ho rapela pela Jehova, Eli a ela melomo ya hae hloko;

13. etswe Anna a ne a bua ka pelo feela, a bebenya melomo, lentswe lona le sa utlwahale. Kahoo, Eli a lekanya hoba o tahilwe.

14. Ebile Eli o re ho yena: O tla tahwa ho le hokae? Hlaphohelwa veine ya hao.

15. Empa Anna a fetola, a re: Tjhe, monga ka, ke mosadi ya pelo e bohloko; ha ke a ka ka nwa veine, leha e le seno se bodila, ke mpa ke ntse ke tsholla moya wa ka pela Jehova.

16. O se ke wa hloma eka lekgabunyane la hao ke moradi wa Beliale; athe ho fihlela la kajeno, ke ntse ke buiswa ke boholo ba tsietsi ya ka le ba bohloko ba ka.

17. Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.

18. Yena a re: Lekgabunyane la hao ha le ke le bone mohau ho wena. Mosadi a ntoo ikela ka tsela ya hae, mme a ja, sefahleho sa hae se se se se jwaloka hapele.

19. Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.

20. Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.

1 Samuele 1