1 Petrose 5:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela.

8. Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.

9. Hanang ho yena ka ho tiya tumelong, le ntse le tseba hobane dihloreho di le ding le tsena di ntse di hlahela banababo lona ba lefatsheng.

10. Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.

11. Kganya le matla ke tsa wona kamehla e sa feleng! Amen!

1 Petrose 5