1 Petrose 4:17-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?

18. Mme ha esita ya lokileng a phela ka thata, eo e leng monyefodi le moetsadibe yena o tla leba kae?

19. Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.

1 Petrose 4