1 Petrose 4:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;

13. empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.

14. Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.

15. Ho se ke ha eba e mong hara lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya ikenyang tabeng tsa ba bang.

16. Empa ekare ha a utlwiswa bohloko kahoba e le mokreste, a se ke a ba le dihlong ke hona, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.

17. Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?

1 Petrose 4