1 Petrose 3:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.

19. Ke ka wona moya oo a ileng ho bolella meya e teronkong,

20. e neng e ikgantshitse kgale, ha Modimo o ne o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ya Nowe, ha ho ne ho hahuwa areka, eo batho ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le mmedi, ba pholositsweng ka yona metsing.

21. Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,

22. ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.

1 Petrose 3