6. Hobane ho itswe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejwe la ntlha, le kgethilweng, la bohlokwa; mme ya dumelang ho lona a ke ke a swaba.
7. Efela e le la bohlokwa ho lona ba dumetseng; empa, haele ho ba sa dumelang, lejwe le lahlilweng ke bahahi le fetohile ntlha ya motheo, le lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang.
8. Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.
9. Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;
10. lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.
11. Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;
12. le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.
13. Ka baka la Morena, le ke le utlwe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le yena e moholo;
14. leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongwang ke yena ho kgalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle.
15. Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.
16. Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.