1 Petrose 1:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;

18. le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;

19. empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;

20. ya neng a rerwe lefatshe le eso ho thewe, a ntoo bonahatswa mehleng ya qetello ka baka la lona,

21. ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.

22. Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;

1 Petrose 1