1 Petrose 1:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.

14. O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.

15. Empa jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong ya lona yohle;

16. kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: halalelang, hobane ke a halalela.

17. Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;

18. le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;

19. empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;

20. ya neng a rerwe lefatshe le eso ho thewe, a ntoo bonahatswa mehleng ya qetello ka baka la lona,

21. ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.

22. Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;

23. le tswe le boetse le tswetswe, e seng ka peo e bolang, e leng ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.

24. Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;

25. empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Mme ke lona lentswe leo le le bolellwang.

1 Petrose 1